THUTO YA BENG BA BODULO (TBB)
Dintlha ka Lenaneo la Thuto ya Beng ba Bodulo:
Bolaodi ba Kgothaletso ya Matlafatso, Lefapha la Naha la Phumantsho ya Matlo (LNPM)
Sepheo se ka Sehloohong
Ho sebedisa morero wa ?Breaking New Ground? wa thuso ya Phumantsho ya ka Matlo ka mananeo a thupelo a ho rala le ho lekola a rerilweng ka dintlha tse fapaneng tsa ho batla matlo (ho kenyeletswa matlo ao ho phelwang mmoho ho ona, ntlafatso ya mekhukhu, jj).
Maikemisetso
Ho ruta le ho rupela beng ba bodulo (beng ba bodulo le bahiri) ka ditokelo tsa le boikarabelo ba bona, ka ho etsa jwalo ba tla be ba phehisa ka ho:
Ho sireletsa le ho matlafatsa matlo a theko e tlase e le leruo la setjhaba;
Ho phahamisa le boleng ba mmaraka ba matlo a theko e tlase;
Ho sebedisa matlo a theko e tlase e le ho tlatseletsa ho lokisetsa hore bafutsana ba tsebe ho ka reka matlo;
Ho phahamisa tlwaelo ya ho boloka matlo ya beng ba bodulo; le
Ho ntlafatsa ho tswela pele ha ntlo e le karolo e teng ya moo ho phelwang ho yona.
Mokgwa wa ho sebetsa
Ho rala moralo wa setjhaba wa thuto ya beng ba bodulo;
Ho rala dimojulu tsa thupelo tsa kakaretso le tsa moo ho dulwang teng tse loketseng;
Kgetho ya tshebediso diprovenseng; le
Ho phatlalatswa ha lenaneo la thuto ya setjhaba thupelo naheng ka bophara.
Tshebedisano
Mananeo a mang a mmuso a reretsweng matlafatso ya setjhaba le phahamiso ya matla a phedisano ho bomasepala (e leng ?Mosebeletsi wa Ntshetsopele ya Setjhaba?, ?Mesebetsi e ekeditsweng ya setjhaba le ?Letsholo la HIV le AIDS?).
ABSA e amohetse monyetla wa ho sebedisana le Lefapha ka ho rarolla mathata a thuto ka ditaba tsa ho ba le matlo, mme e entse hore ho be le dikgokahanyo tsa letsholo. Mabapi le taba ena, mananeo a bophelo a bitswang ?Home-2-Home Show? a entswe. Lethathama lena la mananeo le haswa ka tshivenda, isiZulu, Sesotho, Xitsonga, Afrikaans le English. Mananeo a haswang ka mehla mahareng a 09:00-12:00, dibekeng tse tsheletseng, ho tloha ka 30 Motsheanong diteisheneng tsa diyalemoya tsa Tshebeletso ya Kgaso ya Afrika Borwa : Lesedi, Metro, Ukhozi, Phala Phala, Seyalemoya sa Good Hope le Munghana Lonene.
Polelo ya sepheo
Lefapha la Phumantsho ya Matlo le na le boikarabelo ho fumaneng matlo jwalo ka ha ho hlalositswe Molaong wa Motheo wa 1996 wa Rephaboliki ya Afrika Borwa. Kgaolo ya 2, Karolo ya 26 (Bili ya Ditokelo) e hlalosa hore e mong le e mong ?o na le tokelo ya ho ba le ntlo e lekaneng? le ?tokelo ya ho phela tikolohong e seng kotsi maphelong a bona.? Lefapha jwale le maikemisetsong a Lenaneo la Thuto ya beng ba Bodulo e tla thusa beng ba bodulo ho etsa diqeto tsa boikgethelo ba bodulo.
Kgothaletso e mabapi le lenaneo la thupelo la TBB
Lenaneo la Thuto ya Beng ba Bodulo le ikemiseditse ho, hara tse ding:
Matlafatsa beng ba bodulo ho utlwisisa ditokelo tsa bona tsa bodulo le boikarabelo, ha mmoho le mefuta e fapaneng ya dithuso tsa ditjhelete tseo Mmuso o fanang ka tsona;
ho hlokomela hore beng ba bodulo ba rutilwe ka molao o teng le o motjha wa bodulo, meralo, le mekgwa ya ho sebetsa;
ho sebetsa le ditaba tse ngata tsa motheo tsa ho hlahloba ntlo; le bokgoni ba ho iphedisa ba bohlokwa bo lekantshwang le beng ba bodulo ba nang le boikarabelo.
Morero wa ho sebedisa Thuto ya Beng ba Bodulo
Moralo o phatlalatswang o arotswe ka mekgwa e mmedi ya ho sebetsa;
Thuto Thupelo le Ntshetsopele; le
Ho rekiswa le kgokahanyo.
Dibaka tseo TBB e sebedisitsweng teng
TBB e sebedisitswe dibakeng tse hlwailweng tse nne diprovenseng, e leng:
Dihlopha tsa batho tsa thupelo
Baahi ba Mahaeng;
Makeisheneng; le
Ba Mapolasing
Lenaneo la Beng ba Bodulo
Lenaneo le entswe ka dimojulu tse ngotsweng ka Senyesemane, le leng le le leng le bua ka dihlooho tse fapaneng. Lenaneo le arotswe dikarolo tse pedi:
Karolo ya 1: Thuto ya Beng ba Bodulo
Ditlhoko tsa hao tsa Bodulo;
Boikgethelo ba nako ya bodulo;
Ho kgona tefello;
Thuso ya ditjhelete ya Mmuso ya Bodulo le
Dithuso tse ding;
Dikonteraka;
Tse tla etsahala ha ho sa Phethahatswa Konteraka;
Mesebetsi le Boikarabelo;
Tlhwekiso ya dikgwerekgwere, Bophelo bo botle le Mananeo a Bophelo bo hlwekileng (Hygiene) bo Amohetsweng.
Karolo ya 2: Thuto ya Beng ba Bodulo e Ikgethang ka meralo ya thuso ya ditjhelete e mengata
Ho ba le ntlo ho sebediswa motho a le mong, morero o hokahantsweng kapa tjhelete ya thuso bokelletsweng mmoho;
Ho ba le ntlo ka Mokgwa wa Bodulo ba Batho;
Thuso ya ditjhelete ya Mahaeng;
Thuso ya Ditjhelete ya Institjhushene; le
Ho hira.
Nka fumana kgatiso kae ya Moralo wa Thuto ya Beng Ba Bodulo ya Setjhaba
O ka fumana tokomane ho masepala, provenseng kapa dikantorong tsa setjhaba tse sebetsanang le TBB.
Dintlha tsa bao o ka hokahanang le bona:
Founu 421 1689/421 1329.
